Bolo ea maoto

Chiefs e fentse Sundowns

Kaizer Chiefs e fumane tlholo e makatsang ya 2-1 ho hlola Mamelodi Sundowns ho semi-faenale ya Nedbank Cup lebaleng la dipapadi la Loftus Versfeld ka Sontaha.

Leha ho le jwalo, dipuisano tse ngata ka mors papadi di ipapisitse le sepheo sa Ashley Du Preez karolong ya bobedi, e neng e bonahala e le offside.

Moahlodi wa mehleng wa matjhaba wa FIFA Jerome Damon o dumela hore, ho ipapisitswe le dibapadi le ditshwantso tse ntseng di le teng. sepheo se ne se shebahala se le sio.

Di puisanong ke soccer kaduna tse khethehileng, Damon o hlalositse hore dikgahla tse nyane hangata di etsa hore diqeto tse jwalo di be thata ho batsamaisi ba dipapadi ntle le VAR.

Empa ho bolo ya maoto re utlwisisa le ho amohela diqeto tse ding tse thata.

Leha e ne e shebahala e le ka thoko e ne e se ntho e totobetseng moo e neng e le mithara e le ‘nngwe kapa tse pedi dipakenh tsa mosireletsi wa ho qetela le moqapi wa sepheo.

Kahoo e ne e le ntho e thata ho moahlodi le mothusi wa hae eo ka dinako tse ding re tlamehang ho e amohela ha VAR e le sio,

Damon o ile a phethela sehlopha sa Siya. Phenyo bakeng sa Chiefs e theha makgaolakgang a monate kgahlano le bahanyetsi ba Soweto Orlando Pirates.

BALA HAPE: Papadi pakeng tsa Pirates le Gallants

Papadi ya Soweto Derby e tla tshwarelwa lebaleng la dipapadi la Moses Mabhida ka la 10 motsheanonh, beke feela ka mora hore dihlopha tsena tse pedi di thulane papading ya Betway Premiership Lebaleng la FNB.

Translator: Karabelo Molapo

Source: http://Soccer laduma