Bolo ea maoto

Papadi pakeng tsa Pirates le Gallants

Sehlopha sa Orlando Pirates sene se pabala sehlopha sa Marumo Gallants ka Sontaha sa la 13 Mmesa.

Dihlopha tsena ka bobedi dipala di le boemong bole bong Mme di soka di hlolwa dipapading sehleng sena.

Papadi ena e bapetswe hantle ntle le tshitiso ya letho Mme sehlopha sa Pirates se hlotse sehlopha sa Marumo Gallants ka ntlha ele nngwe ho Noto (1-0).

Tlholo ena ya sehlopha sa Pirates e ba file monyetla wa boraro dilemong tse latelang ntse ba kena ho di semifaenale.

Mme sena se ba file tshepo ya hore ba tla una mohope hape.

Orlando Pirates ke sehlopha sa pele sa hore se hlole Marumo Gallants dipapading tsa Mohope wa NedBank.

Pirates e entse sena ka mahlale a sona. Mokwetlisi wa sehlopha sena Sa Marumo Gallants, Abdeslam o ile aa fetola dibapadi tsa hae ka mora nako e seng kae.

Mme ho ile ha kena Gabadinho Mhango le Sekela Sithole, mme ba kena bakeng la Siyabonga Nhlapho le Mlungisi Khumalo.

Reveiro leyena o ile a etsa diphetoho tse itseng metsotsong ya ho qetela Mme ho ile ha etswa Nkota le Dlamini Mme Hwa kena Relebohile Mofokeng le Ndabayithethwa Ndlondlo.

BALA HAPE: Riveiro o se a tla tsamaya

Mokwetlisi wa sehlopha sa Pirates Reveiro o tlo tsamaya ha sehla sena sa bolo se feela