
Thalente Mbatha o hatella se builweng ke Jose Riveiro
Thalente Mbatha, o na le maikutlo a tshwanang le a mokwetlisi Jose Riveiro mabapi le matla a mohanyetsi wa bona wa CAF Champions League Pyramids pele ho leoto la ho tloha bosiung bona.
Thalente bo boletse hore ba ile ba ikitlaetsa hantle mme o nahana hore hape ke ntho eo ba lokelang ho e etsa ha be fihla mona kaha ba ne be sa hlotswe papading ena ea CAF.
Thalente o tswetse pele a bolela hore ba hloka ho sebedisa kelello le maikutlo a tshwanang le a dipapadi tse ding.
Mme o ile a tlatsa ka hore ho bona o dumela hore e ne e se letsatsi la bona ka nako eo mme o dumela hore ba tla kgona ho etsa pontsho e ntle e tlang mona Cairo.
Thalente o tlatsitse hape a bolela hore o dumela hore bahlomphehi ba ntse ba itokisetsa hantle mme ba tsamaile kapele.
O ile a eketsa ka hore o dumela hore batla kgona ho ikamahanya le ntho e nngwe le e ngwe le sepakapaka, o ka bona hore kampo e ntle.
O boletse hore motho e mong le e mong o na le maikutlo a matle, mme ke kahoo a dumelang hore motho e mong le e mong o teng ho tla hlahisa diphello.
Thalente o boletse hore haole jwalo ho na, mohlomong e ka ba toro ya ho phethahala ha e le sebapadi ho bapalla mohope Mme ke ntho eo esale ae e batla ha a ntse ke hōla.
Ho bapala makgaola-kgang a Khapo ha a le dilemo di 25 ke ntho eo a neng a tla e boloka ka botebo ka pelong ya hae yohle.
- BALA HAPE:Mofokeng le Nkota ba a theholetswa
Thalente o qetetse ka ho bolela hore ho tshwaneleha bakeng sa papali ya makgaola-kgang ke ntho e mahlonoko e le ke ntho eo ba lokelang ho e etsa ha ba fihla mona kaha ba ne ba se hlotswe papading ena ya CAF.
- Mongodi: Karabelo Molapo
- Etswa ho:http://Sabc Sports.co.za
