Bolo ea maoto

George Lebese o bua ka sehlopha sa Kaizer Chiefs

George Lebese o bua ka lebaka le ileng la moesa hore a qetella a tlohetse sehlopha sa Kaizer Chiefs mme a bapalla sehlopha sa Mamelodi Sundowns.

Lebese o qadile ho bapalla sehlopha ka Chiefs ho tloha ka selemo sa 2008, a sa bapalla sehlopha sa bana ho fihlela moo a ieng a qetella a bapalla sehlopha se seholo.

Lebese o ile a thusa haholo hore sehlopha se hape ligi ka selemo sa 2012-2013 le 2014-2015.

Ka mora hore lesebe a sokole ho kena dipapading tse neng di tswarwa ka mora hore Steve Komphela ebe mokwetlisi wa sehlopha sa chiefs ka 2017.

Lebese o ile a makatsa balatedi ba sehlopha sena haholo ha ase a bapalla sehlopha sa Mamelodi Sundowns.

Nako ya hae ka hara sehlopha sa mamelodi Sundowns ha e ya ka ya ba monate haholo mme ka mora dilemo tse pedi o ile a ya mose le mawatle.

Lebese o ile a bolela hore o ne a bona hore a keke a bapala ho latela ka moo komphela a neng a moqhelela ka thoko ka teng ha ntse ho itukisetswa dipapadi.

Lebese o ile a bua hape hore o ile a hlohlelletswa ke motho e mong hore a kene sehlopheng sa Sundowns.

Lebese o ile a tswela pele a bua hore o ile a phoqa motshwari wa sehlopha sa Chiefs Bobby Motaung ka ho hana kopo ya bona moo a habileng ya Sundowns.

“ke Hopola puisano ya rona yah o qetela hane a mpha pampiri ya ho ntjhafasha konteraka ya ka empa ke ile ka re ho yena haona letho leo ketlo le ntjhafatsa” Ho bolela Lebese

Lebese o tswela Pele, “Ke ile ka bona a phoqehile haholo ho ba o ne a sa lebella tsena kaofela”

Lebese o boletse hore ka mora matsatsi a seng makae fela o ile a qala a itshola mme a hopola moo a tswang teng le Bobby Motaung.

Lebese o boletse hore o ile a qala ho romella melaetsa mme a kopa tswarelo, mme a boela a kopana le ena, a kopa tswarelo hape.