Bolo ea maoto

Papadi ya Mamelodi Sundowns le ES Tunis

Mamelodi Sundowns ene e bapala le sehlopha sa ES Tunis eleng e nngwe ya dihlopha tsa CAF.

mme e fennye sehlopha se na ka ntlha ele nngwe ho noto.

Dihlopha tsena tse pedi di ne di bapala lebaleng la dipapadi la Loftus Versfeld matsibueng a labobedi.

Ntlha ya Mamelodi Sundowns e rauwe ke Peter Shalulile.

mme Shalulile o ile a bolela hore ba motlotlo hore sehla sena sa dipapadi se tla fapana le tse ding.

Ha sehlopha sa ES Tunis sona se Hlalosa hore papadi ena e ne e sa tshepise le ha nyenhane feela.

Mohlaba ntlha, Shalulile o hlalositse hore ha ngata dipapading tsa ligi ho a tsebahala hore ntja eja ntjanyana hobane papadi ena ke papadi e bapalwang ke bo mampodi fela ba di ligi.

O ile a tswela pele a Hlalosa hore ese ele dilemo tse ka bang nne ba ntse ba bapala dipapadi tsena tsa ligi empa ba ntse ba hlolwa empa selemong sena teng ba bona dintho tse ntle fela tseleng ya bona.

Sehlopha sena se qetetse ho hlola ho ligi ka selemo sa 2016 pele Shalulile a ka bapalla sehlopha sena.

Shalulile o ile a tswela pele a Hlalosa hore ho ba dibapadi tse hlwahlwa ebe dilemo tsena ha ho hlolwe ho ligi ha ho bolele hore dibapadi tsena ha di tsebe papadi ena kapa ba bapala hampe.

empa fela ho Hlalosa hore ntho engwe le engwe e nka nako ebile e na le nako ya teng.

Shalulile o ile a hlolosa hore papadi tsena tsa Ligi ha ba di bapale ka pelo ho ba ha baka bapala ka pelo.

Ba keke ba bapala hantle, mme a Hlalosa hore seo ba se etsang ho ho nka papadi tsa ligii jwalo.

Ka papadi tse ding tsa bolo hobane haona letho le o ba tlameha ho le bontsha batho, se o ba tlamehanng ho se etsa ke hore ba shebane le di papadi qha.

Bala Hape: https://lehaelarona.co.za/2025/04/02/beteruti/

Translator: Karabelo Molapo

Source: sabcsport