Sundowns e tekena sebapadi sa botshelela sehleng sena

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns, se netefaditse tekeno ya sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Thabo Cele.

Sena ka mora tiehiso e bileng teng ka mora hore diteko tsa bongaka difumane hore Cele ona le kotsi lengoleng.

Le ha hole jwalo, sehlopha le sebapadi ba kgonne ho kena ditumellano mme Cele e bs sebapadi sa botshelela seo Sundowns e se tekenang sehleng sena.

The Brazilians, ba imatlafaditse ka dibapadi tse mmalwa ho kenyeletsa Cassius Mailula ya kgutlilenng naheng ya America.

BALA: Sundowns e hloka mohau ho Siwelele se mathateng

Kaofela ha dibapadi tsena ke matswallwa a Afrika Borwa e leng ntho e batlang e sa tlwaeleha ya hore Sundowns e tekena dibapadi tsa lapeng fela ka nako e le nngwe.

🇿🇦 Antonio van Wyk (24)

🇿🇦 Cassius Mailula (25)

🇿🇦 Siyanda Ndlovu (22)

🇿🇦 Tsiki Ntsabeleng (28)

🇿🇦 Deano van Rooyen (29)

🇿🇦 Thabo Cele (29)

Le ha hole jwalo, sehlopha ha seso netefatse tekeno ya Thabang Matuludi le ha ditlaleho dikuma a leba batshireletsing bana ba mohope wa CAF Champions League.

BALA: Ditumellano tsa Cele le Sundowns di kgitla lejwe ka lebaka la kotsi