
Nabi ore Chiefs ke Sehlopha se seholo
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs, Nasreddine Nabi, o re sehlopha se seholo haholo hoo se ka lahlehelwang ke seriti sa sona ka lebaka la ho se atlehe dilemong tsa morao tjena.
Motho wa Tunisia o fumane ho le thata nakong ya hae ya pele Naturena, mme a kanna a lahlehelwa ke dikarolo tse ding tsa balatedi ba hae ka lebaka la diphetho tse sa kgotsofatseng.
Ha Chiefs e ntse e itokisetsa ho amohela Orlando Pirates papading ya Betway Premiership hosane FNB Stadium, Nabi – a bua ka mofetoledi wa hae Cedric Kaze – o re mohlomong baa kula, empa ha baa shwa.
Nabi o boletse hore ele dihlopha tse kgolo di ka kula empa ha di shwe.
Mme ba dumela hore ke sehlopha se seholo ka ho fetisisa Afrika Borwa.
Nabi o tswetse pele a Hlalosa hore ka nako ena ba ka nna ba kula hanyane, empa ba dumela hore ba ntse ba phela mme ba ntse ba ka etsa ho hong.
Nabi o qetetse ka hore dihlopha tsena tse pedi ke dihlopha tse kgolo ka ho fetisisa Afrika Borwa.
Mme leha ho na le maemo a bona a hajwale, ba dumela hore dihlopha tse pedi tse kgolo di tla bapala ka Moqebelo, leha ba se maemong a matle haholo.
- BALA HAPE:Sehlopha sa Sekhukhune
Nabi o boletse hore empa o utlwa eka mang kapa mang ya hlolang ka Moqebelo ke hobane o ne a mo tshwanetse.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Sabc Sports.co.za
