Dipotso tsa Arendse kamora ho hlolwa ha sehlopha SuperSport
Mothusi wa sehlopha sa SuperSport United eleng Andre Arendse o ile a nyenyefatsa batho ba molao ba bolo ka ora hore ba hlowa ka ditlha tse tharo ho e nngwe ke sehlopha sa TS Galaxy dipapading tsa Betway ka labobedi.
Arendse o ile a supa nako ya dikgang ka mora papadi moo teng a buang ka taba ya ha Neo Rapoo a bonahala a sutumeditswe, mme seo se ile sa fa Galaxy monyetla wa ho kora ntlha ya boraro.
O dumela hore hose sebetse hantle ha batho ba molao bolong ya maoto ho ama boleng ba liki.
O shebile ho hlola papading, hoba ha sehlopha se seng sena le ntlha tse pedi ho e nngwe ho ntse hon a le tshepo, ebe ntho e jwalo ea etsahala, ke taba tse bohloko,” ho noletse Arendse.
Sethibathibadi sa kgale sa sehlopha sa bafana bafana se kopile hore ba tsamaise ba bolo ebe batho ba nang le tsebo e tjhatsi.
“Re batla balaodi ba rona ba etse bobetere nako e tlang, PSL e tlameha ho ba le ditsibi tse hlwahlwa.
“Bakwetlisi ba ahlolwa ho latela dioheto tsa bona, le di referi di tlameha hore di be le boikarabello,” ho tlatsa Arendse.
Ka ntle le ho ferekana ha Arendse, o hlokometse tsela eo Galaxy e bapalang hantle ka teng.
O ile a dumela ka nnete hore Galaxy e ne e tswanetse ho hlola. Hobane ho tloha bolo e sa qala e sale sehlopha sa hae se lelekisa bolo.
- Source: SABC Sport
- Translated by: Karabelo Molapo
