
Nabi o utulla tjantjello ya hae ka sehlopha sa Chiefs
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se lelekisa bolo ya maoto ya CAF, Ha mmoho le mokwetlisi wa bona Nasreddine Nabi ya beileng leihlo la hae ho Mohope wa NedBank jwalo ka tekete ya bona ya ho ya mohope wa federeishine.
Sehlopha sa Amakhosi se salletswe ke ditlholo tse ka bang pedi feela hore di fumane di (silverware) le ho fumana mangolo a kontinentale, ba ile ba hlola sehlopha sa Stellenbosch FC ka dintlha tse tharo ho e nngwe (3-1) papading ka korata ya makgaola kgang e ne e bapallwang lebaleng la dipapadi le tsejwang ka Nelson Mandela Bay Stadium.
Ho hapa mohope wa Nedbank ho tiisa ho kena tlhodisanong ya boemo ba bobedi ba CAF.
Tsela e nngwe keya ho hlola di papading tsa Betway premier tsa ditlhopha tse tlamehang ho hlahella ka mehetla hotse nne tse hlotseng empa ha jwale sehlopha sa kaizer chiefs se dutsi boemong ba borobedi.
“Ke nnete hore re sa salletswe ke dipapadi tse pedi hore retle re fihle papadi ya ho bapalla mohope o moholo, empa haeba re sa hlole , re kebe ra fihlalla dipapadi tsa di faenale,” ho rialo Nabi.
Takatso kapa Tjantjello e teng empa re nka papadi engwe le engwe ha nyane ha nyane, sehlopha se tshwanang le sehlopha sa kaizer Chiefs se tlameha ho hlodisana tlhodisanong tsa CAF.
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se ile sa eletella pele ka Inacio Miguel karolong ya pele. Li-Stellies di ile tsa lekana morao tjena ka Andre de Jong.
Leha ho le jwalo, dikgeo tsa nako ya maqeba tse tswang ho Pule Mmodi le Mfundo Vilakazi di hapile sehlopha sa Chiefs sebakeng sa seka- makhaola kgang (Semi-final).
Mohlodi wa mohope wa NedBank otla iphumanela di milione tsa diranta tse supileng.
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se lakatsa kapa hona ho labalabela ho phahamisa mohope o moholo mme ba boele hape bolong ya kontinente.
“Ka mora ho hlaba dintlha, re ile ra theoha ho feta tekano. Kgahlanomg le dihlopha tse matla, okeke wa busa metsotso e Mashome a robong (90)“ Nabi oa dumela.
“Re ile ra lahlehelwa ke bolo ka pele haholo, e leng se entseng hore ho be thata ho laola papadi. Empa re ile ra ra itsherelletsa hantle mme e lwana.
“E ne ele papadi e thata, e tletseng maikutlo le diphetoho tse matla , re thabela ho hatela pele.”
Sehlopha sa Chiefs se tla bapala le sehlopha sa bahlodi sa Sundowns le sehlopha sa Sekhukhune di papadig tsa di semi-final, Ligi ya pele ya fora (PSL) etla tsebisa letsatsi le sebaka moo hotla bapallwa teng ka nako e sa fediseng pelo.
