Bolo ea maotoUncategorised

Seo Miguel Cardoso a se batlang ho Sundowns bakeng sa Dortmund

Miguel Cardoso o ne a bua le bo raditaba mabapi le seo a se batlang ho papadi ya bona ya moqebelo.

Mokwetlisi sa Mamelodi Sundowns, Miguel Cardoso, o kgwathaledise dibapadi tsa hae ho hlahisa bohle ba hlonameng papading ya bona e tlang.

Sehlopha sa Cardoso se tla tobana le Borussia Dortmund papading ya bona ya bobedi ya Sehlopha sa F sa Mohope wa Lefatshe sa FIFA Club ka Moqebelo bosiu.

Mamelodi Sundowns e qadile letsholo la yona ka tlholo ya 1-0 ho Ulsan HD, ka lebaka la sepheo sa Iqraam Rayners.

Ka ho toloka ha Fluminense le Dortmund, Mamelodi Sundowns jwale e ka pele sehlopheng.

Leha ho le jwalo, Miguel Cardoso o lebeletse ntwa e matla ho feta kgahlanong le dinatla tsa Jeremane.

“Ke utlwile hore papadi pakeng tsa Dortmund le Fluminense e ne e le ntho e nyahamisang.

“Esita le papadi ya rona e ne e batla e fokola,” ho boletse Cardoso.

Meleng, ho thata, Empa jwale, e mabapi le hore na o ka itshlometsa hakae.

Ho setse dipapadi tse pedi tsa dihlopha, mokwetlisi wa Portugal o hlakisitse hore Sundowns e tlameha ho phahamisa papadi ya yona.

“Hona jwale re tobane le sehlopha se betere haholo. Kamora ho hapa sa pele, ho bohlokwa hore re tswelepele ho lwana. Re ikemiseditse ebile re itokiseditse phephetso.”

  • Translator: Karabelo Molapo