
Chivaviro Ranga ha a sa bapalla Kaizer Chiefs
Chivaviro Ranga o tlameha ho lokoloha ho sehlopha sa Kaiser Chiefs ka mora hore Konteraka ya hae e fele.
Kaizer Chiefs e netefaditse ho tsamaya ha sebapadi Ranga Chivaviro, e leng sebapadi sa boraro ho tloha sehlopheng sena se seng sa nako.
Konteraka ya Chivaviro e ke ke ya ntjhafatswa ha e fela bofelong ba Phuptjane.
Sebapadi sena se hlahetseng Limpopo o ile a ikopanya le Chiefs ho tswa Marumo Gallants ka 2023 mme a bapala dipapadi tse 45, a habile dikgeo tse robong mme a ngodi mothusi a le mong.
Ho tswa ha Chivaviro ho latela ho tsamaya ha Njabulo Blom, ya ileng a kgutlela sehlophenh sa motswadi wa hae St.
Dibapadi tse pedi tsa sehlopha sa di-resefe le tsona di ikopantse le TS Galaxy kamora ho hloleha ho fumana phahamiso sehlopheng se seholo.
Sehlopha se lebelletswe ho tswela pele ho fetola sehlopha sa bona nakong ya ha sehla, balatedi ba batla sephetho le diphetoho tse ntseng di tswela pele Naturena.
Ho na le metsamao e mengata ya dibapadi kaha Chiefs e batla ho aha botjha le ho phephetsa disebediswa tsa silevera sehleng se tlang.
- BALA HAPE: Hugo Broos o bua ka Mamelodi Sundowns
Sehlopha se ile sa leboha Chivaviro ka tlatsetso ya hae mme sa mo lakaletsa tse molemo mererong ya hae ya kamoso mme ba mmolella hore ba keke ba mo lebala
- Translate: Karabelo Molapo
