Bolo ea maoto

Andre Arendse o tshepisa ho fa sehlopha sa hae tshehetso e felletseng

Andre Arendse o tshepisa lerato le thata ha mathata a SuperSport United a ntse a tswela pele.

Mokwetlisi wa SuperSport United Andre Arendse o re ha ho na nako ya ho iqenehela ho latela ho hlolwa ho hobe ho Orlando Pirates papading ea Betway Premiership ka Labobedi bosiu.

Ho ba siya kotsing ha ho ya ho play-offs. Matsatsantsa a lahlile dintlha tsa bohlokwa ka ho hlolwa 1-0 ho bahlodisani ba bona ba Soweto lebaleng la dipapadi la Peter Mokaba ho saletswr ke dipapadi tse pedi.

Bosiung boo SuperSport e ileng ya lahlehelwa ke bophelo ka morA hore kahlolo ya nyewe le Golden Arrows mabapi le papadi e lahlilweng e tsamaye.

Arendse o ile a shebella ha diqoso tsa hae di hloleha ho atleha kgahlanong le Pirates.

O tshepisitse ho fa dibapadilerato le thata.

Eo e tla ba mosebetsi wa ka ho fumana botsitso ka ho e bitsa jwalo ka ha e le, ho supa diphoso le ho di boloka di ntse di tswela pele.

Ho boloka dibapadi tsohle du le maemong a matle mme ke nahana hore ke mosebetsi o bonolo hobane ke seo ke se etsang, ke seo ke dumelang hore ke se hlwahlwa ho sona ebile ke sona se senyang dibapadi ha feela re ba boloka ba le maemong a matle, kea tseba hore re na le yona ka hara locker ya rona ho fumana dipheo, ”ho boletse Arendse.

“Kea tseba hore re e fumane, jwako ka ha re ipakile ka metsotso e 75, 76 ya papadi hore re ka thibela bahlaseli ba khanyetso hole.”

Kahoo, re tlameha ho fumana ho leka-lekana papading e latelang. Arendse o dula a thabile ka ho tseba hore tshebetso e nngwe e ntle e lebisang tlhōlong lekgetlong lena e thusa SuperSport ho boloka boemo ba bona ba boemo bo hodimo.