
Pirates e fumane mokwetlisi e motjha
Pirates e phatlalatsa mokwetlisi e motjha – tšhwasa ba bangata ka ho makala Orlando Pirates e rehile mokwetlisi wa yona e motjha.
Phatlalatso eo e ile ya tla hoseng ha Mantaha mme e ile ya makatsa batho ba bangata haholo ka ha ho ne ho sena motho ya nahanang
Menyenyetsi e matla e ne e amahantse dinatla tsa Soweto le Rulani Mokwena.
Ditlaleho di bile di fana ka maikutlo a hore o kgethile mothusi wa hae.
Empa sehlopha se ile sa ya ka tsela e fapaneng.
Pirates e phatlaladitse Abdeslam Ouaddou jwalo ka mokwetlisi e motjha wa bona.
Lebitso la hae le ne le eso bolelwe dikhopolong leha e le life tse fetileng.
Ouaddou o fihla kamora nako e khutshwane empa e khahla le Marumo Gallants.
O ile a thusa sehlopha ho qoba ho theoha mme a se tataisetsa ho Top 8 – nalane ya pele bakeng sa sehlopha.
“Orlando Pirates e thabetse ho phatlalatsa ho kgethwa ha Abdeslam Ouaddou jwalo ka mokwetlisi wa hlooho,” sehlopha se boletse polelong.
Mokwetlisi wa Morocco o lebelletswe ho fihla Afrika Boroa mafelong a beke ena.
O tla tshehetswa ke Mandla Ncikazi le Tyron Damons e le bathusi ba hae.
Ditokisetso tsa pele ho sehla sa Pirates di tla qala ka la 27 Phuptjane.
Leha Ouaddou a na le boiphihlelo bo fokolang ba bolo wa maoto wa Afrika Boroa, Pirates e dumela hore o utlwisisa phephetso e larileng ka pele.
Hona jwale o nka karolo ya kgatello e phahameng ka mora ho tloha ha Jose Riveiro, ya ileng a siya motheo o matla.
Pirates e tshepa hore Ouaddou a ka ikamahanya le yona mme a etelle pele sehlopha katlehong e kholo le ho feta, mme ba tshepa hore le bona ba tla mo etsa hore a be motlotlo ka dinako tsohle
- Translator: Karabelo Molapo
