Bolo ea maoto

Kaizer Chiefs etla pabala papadi e kgolo

Kaizer Chiefs e tla bapala papadi e kgolo ya botswalle leetong la yona la pele ho sehla sa Netherlands.

Amakhosi e tla tobana le sehlopha sa Dutch Eredivisie IFC Utrecht papading ya ho iphuthumatsa leetong la bona la pele ho sehla sa Netherlands.

Sehlopha sa Soweto se ne se tiisitse pejana hore kampo ya bona ya boikwetliso pele ho sehla e tla tshwarwa ho tloha ka la 3 ho isa la 19 Phupu.

Leha ho le jwalo, ha baa ka ba senola dipapadi kapa dintlha tse ding tse amanang le leeto.

Utrecht, leha ho le jwalo, e phatlaladitse papadi eo semmuso webosaeteng ya bona ka Labone.

“Mohanyetsi wa rona ya latelang e tla ba ka la 11 Phupu,” Utrecht o ngotse webosaeteng ya bona.

“Sehlopha se tsebahalang haholo Afrika Borwa e tla ba mohanyetsi wa rona: Kaizer Chiefs.”

Papadi, leha ho le jwalo, ho ya ka sehlopha sa Madatjhe, e tla bapalwa kantle ho mamati a kwetsweng kaha ke papadi ya pele ho nako ya selemo.

Kaizer Chiefs e lebelletswe ho kgutlela boikwetlisong ba pre-season ka Labohlano, ho latela iDiski Times.

Leha ho le jwalo, dibapadi tse ding tse mmalwa di lebelletswe ho kgutlela sehlopheng ho kgohlano le Utrecht ke karolo ya ditokisetso tsa Amakhosi bakeng sa sehla sa 2025/26 sa Betway Premiership tloha ka Mantaha.

  • Translator: Karabelo Molapo