
Ouaddou o senola se ileng sa etsa hore a tlohele Gallants
Mokwetlisi wa mehleng wa Marumo Gallants, Abdeslam Ouaddou, o senotse hore na ke hobaneng a tlohetse sehlopha.
Mokwetlisi o tloha sehlopheng sena kamora ho ba thusa ho dula Betway Premiership ka ho qoba ho theoha.
Mokwetlisi ya hlahetseng Fora empa e le Moroccan o re Gallants ha e so hlomphe tumellano ya bona ya moputso.
Ouaddou o ile a ikopanya le Marumo Gallants ka Hlakubele.
Nako ya hae e khutshwane e ile ya thusa sehlopha ho qoba ho wela.
O ne a lebelletswe ho dula dilemo tse ding tse pedi.
Empa dintho di ile tsa fetoha kapele.
Ha a bua ho Sports Night Amplified le Andile Ncube ho Metro FM, mokwetlisi ya dilemo di 46 o re dipehelo tsa konteraka ya hae di tlotswe.
“Ke bile le kopano Johannesburg le modulasetulo,” ho rialo Ouaddou. “Ke moo ke ileng ka bolellwa hore sehlopha se ke ke sa kgona ho lefa moputso wa ka bakeng sa sehla se tlang.”
O re kaha o bona bokamoso ka sehlopha sena, o ile a kopa dipuisano botjha.
“Ke rata dibapadi le batho ba Bloemfontein. Kahoo ke ile ka kopa konteraka e ntjha. “Empa konteraka eo e ne e na le polelwana eo ke neng ke sa e rate ho hang,” mokwetlisi o ile a eketsa.
Ho ya ka mokwetlisi, Gallants o ne a batla ho kenyelletsa karolwana e ka beng e mo lefile R1-millione haeba a batla ho tsamaya.
Sena ha sea ka sa mo thabisa.
“Ha ke sebapadi, dibapadi dia rekiswa, bakwetlisi ba sebetsa ho latela dipheo tse behilweng. “Haeba ke saena dilemo tse pedi, ke batla ho dula dilemo tseo tse pedi,” o ile a hlalosa.
Mokwetlisi, ya kileng a bapalla Ligue 1 naheng ya Fora le sehlopha sa naha sa Morocco, o bontshitse ho hana molao ona.
- Translator: Karabelo Molapo
