
Junior Khanye o ntsha maikutlo a hae
Ha sehla sa PSL sa 2024/25 se ntse se atamela, sebapadi sa mehleng sa bolo ya maoto ebile e le mohlahlobisisi ya pepeneneng, Junior Khanye, o fane ka maikutlo a hae ka letsholo le tletseng ditshwaontshiso.
Talenta e ntseng e hola, le ditlhōlo tse neng di siilwe ke nako.
Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs se ile sa lebisa tlhokomelo ya hae ho “Big Three” ya naha.
Mamelodi Sundowns, Orlando Pirates, le Kaizer Chiefs – a babatsa maeto a bona ka bomong le ditshwantshiso ho pholletsa le nako.
Khanye o qadile ka seo a neng a se bitsa sephetho se lebelletsweng – Mamelodi Sundowns e boetse e hapa setlo sa Betway Premiership hape.
Ba na le dibapadi tsa kgale tseo le tsona di bapallang dihlopha tsa naha.
Batho ba Brazil ba ile ba boela ba bontsha sehlopha sa bona le botsitso ka mahlakoreng ohle.
Ka sehlopha se ithorisang ka dibapadi tse nang le boiphihlelo ho Liki ya Bompodi ba CAF le ho pepesetswa bolo ya maoto kgafetsa.
Sundowns e ile ya dula e tshwara taolo ya yona ya lapeng.
“Ha ba tshohe, Mme ba bapala ka tsela eo ba e batlang,” Khanye o hlokometse. O ile a leboha sehlopha sa bakoetlisi ka ho kenya filosofi e seng e tšhwana le mokgwa wa ho bapala wa Sundowns.
Leha ho na le tebello bakeng sa karolo e nngwe ya silevera, Khanye o dumela hore tlhōlo ya bona ya liki feela ke bopaki ba moralo wa bona o phahameng le taolo ya sehlopha.
“Ho tla ba boima hore dihlopha tse ding di emise Mamelodi Sundowns,” a hlokomedisa, a hlakisa lekgalo pakeng tsa dihlopha tse sireletsang le sehlopha sa ba lelekisang.
- Translator: Karabelo Molapo
