
Nabi o rata sehlopha sa Kaizer Chiefs
Nabi o boletse hore leha a ile a hloleha ho fumana sebaka ho Top 8, otla dula le sehlopha.
Bokamoso ba Nasreddine Nabi ho Kaizer Chiefs e se e le taba eo ho buisanwang ka yona dibekeng tse mmalwa tse fetileng.
Sena se ile sa latela ditlaleho tsa hore batsamaisi ba sehlopha ba ne ba batla hore a qetelle a le ho Top 8 mme ba ne ba sa thabele ho haella ha sehlopha.
Ha ho so be le phapang e kgolo kapa e hlokomelehang ho Chiefs haesale ho fihla mokwetlisi wa Tunisia.
Tsela eo sehlopha se bapalang ka yona ha e kgotsofatse, mme diphello di bontsha hore ho sa ntse ho e-na le tsela e telele e lokelang ho etswa.
Leha ho le jwalo, ba atlehile ho fedisa komello ya bona ya mohope ka ho hapa Nedbank Cup, ba hlola Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates nakong eo.
Papadi ya ho qetela FNB Stadium ka Moqebelo, Chiefs e bapetse 0-0 le Polokwane City.
Ha a bua kamora papadi, Nasreddie Nabi o boletse hore jwale o tsepamisitse maikutlo mererong ya sehla se tlang sa ho ntlafatsa Kaizer Chiefs.
O senotse hore merero e ntse e tswela pele ya ho matlafatsa sehlopha ho netefatsa hore sehlopha se bapala hamolemo sehleng se tlang.
O tiisitse hore o kopane le modula-setulo Kaizer Motaung Labohlano le fetileng, moo ba ileng ba buisana ka merero ya ho tlisa dibapadi tsa maemo a hodimo.
“Maobane re kopane le batsamaisi le modula-setulo, mme re tseba hantle se lokelang ho etswa ho latela dibapadi,” ho boletse Nabi.
“Nkeke ka bolela hore na re hloka dibapadi tse kae kapa tsa mofuta ofe, empa lefapha le ikarabellang bakeng sa ho tekena dibapadi le sebetsa ka thata.
E mong le e mong o tseba ditlhoko tsa sehlopha, mme puisano le bao re ba hlokang e se e qalile.
“Haeba re fumana seo re se hlokang, re na le bonnete ba hore sehlopha se tla ntlafala haholo.”
- BALA HAPE: Junior Khanye o ntsha maikutlo a hae
Chiefs e hlotsoe ho ikenela MTN8 sehla sa bobeli ka tatellano.
- Translator: Karabelo Molapo
