
Orlando Pirates e tla kopana le tlhapi tse ding
Sebapadi sa Stellenbosch FC, Sihle Nduli, o lebelletswe ho ikopanya le dinatla tsa Soweto sehleng se tlang.
Konteraka ya dilemo di 29 le Stellies e fela ka Phuptjane, mme ho bonahala a na le tumellano ya molomo ya ho ikopanya le Orlando Pirates.
Nduli esale e le sebapadi se hlahelletseng sa di Stellies ho tloha ha a kenella ho tswa TS Galaxy ka 2022.
Ka potlako e ile ya e-ba sebapadi sa bohlokwa bohareng ba lebala la dipapadi bakeng sa sehlopha sa Steve Barker.
Eitse ha Sibongiseni “Ox” Mthethwa a nkwa ke Kaizer Chiefs, Nduli o ile a ipha matla ho nka boemo ba lebala la bohareng.
Sehleng sena, o bapetse dipapadi tse 41 diitlhodisanong tsohle.
Sepheo sa hae feela e ne e le sa bohlokwa haholo. O ile a e hlaba ha ba tlosa dinatla tsa Egepeta Zamalek SC ho semi-faenale tsa Caf Confederation Cup Cairo.
Pele ho ne ho tlalehelwa hore dibapadi tsa Orlando Pirates, Kaizer Chiefs, di ne di batla ho mo tekena, empa jwale iDiski Times e tlaleha hore Buccaneers e mo etetse.
Ho fihla ha Nduli ho tla eketsa botebo le boiphihlelo ho lebala la bohareng la Orlando Pirates ha e ntse e itokisetsa ho kgutlela Caf Champions League ka mahlahahlaha a matjha sehleng se tlang.
Nduli ha se yena feela ya amahanngwang le dinatla tsena tsa Soweto kaha di tla be di itlhophisa botjha sehleng se tlang.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Sabc Sports.co.za
