Bolo ea maoto

Mabasa o motlotlo ka mosebetsi wa Riveiro

Tshegofatso Mabasa o dumela hore ho tla nka motho ya ikgethang e le ka nnete ho fihlella seo mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates Jose Riveiro a kgonneng ho se fihlela le sehlopha nakong ya dilemo tse tharo.

Riveiro o bile le tshusumetso e kgolo mosebetsing wa Mabasa hang feela ka mora ho kgutla ka mokoloto ho tswa Moroka Swallows sehleng se fetileng.

Ha a hapa khau ya Golden Boot liking ka dipheo tse 16.

Mabasa o re Mosepanishe e ne e se mokwetlisi feela.

“Mokoetlisi Riveiro ke motho e moholo. Ha ke bue le ka bolo ya maoto, mokwetlisi o kgethehile, le seo a kgonneng ho se etsetsa sehlopha sena, mme bakeng sa sehlopha sena ke ntho e ntle haholo.” ho ne ho bonahatsa Mabasa.

Riveiro o ile a tloha Pirates kamora ho hapa dikhau tse hlano ka dihleng tse tharo feela, a isa sehlopha ho ya semifinal ya CAF Champions League kgetlo la pele ka mora dilemo tse 12,mme kgetlo la boraro, a qeta e le dimathi tsa Mamelodi Sundowns peisong ya liki.

O lebelletswe ho phatlalatswa e le mokwetlisi e motjha wa sehlopha sa bolo ya maoto se atlehileng ka ho fetisisa Afrika, Al Ahly, hang ha lenaneo la liki ya Egepeta le phethelwa bekeng ena e tlang.

Mabasa o re Riveiro o ne a dila a dumela ho dibapadi tsa hae.

Leha a qetile sehla ka morao ho Sundowns hape liking, ena ha se nako e tlwaelehileng ho Pirates, ha re sheba Champions League le ho hapa palo e ngata ya dipapadi tsa liki (19) liking ya dihlopha tse 16.

Mabasa o re tsena ke dintlha tse nepahetseng tse lokelang ho nahanoa ha sehlopha se ahlolwa ka sehla sena haholo-holo.

  • Translator: Karabelo Molapo