
Thabo Cele o bua ka sehlopha sa Kaizer Chiefs
Sebapadi sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Thabo Cele o re ho bohlokwa hore sehlopha se qetelle se le maemong a robedi a hodimo sehleng sena ha se phethela letsholo la bona la Betway Premiership mafelo-bekeng Ana.
Kaizer Chiefs e tla amohela Polokwane City lebaleng la dipapadi la FNB hosane thapama, tlhodisano e tobileng bakeng sa bona, kaha sehlopha sa Limpopo se ka pele ho bona ka dintlha tse pedi Chiefs, e sa tswa hapa setlo sa Nedbank Cup, hajwale e kantle ho tse robedi tse hodimo, ka dintlha tse 31 dipapading tse 27.
Sehleng se fetileng, ba ile ba qeta ho ba robedi ba hodimo, mme haeba sena se ka etsahala hape, Cele o re e tla ba bomadimabe.
“Papadi ena kgahlanong le Polokwane City e bohlokwa hobane e re bea maemong a hore re tsebe ho qothisana lehlokwa le ntho e nngwe le nngwe, mme seo ke sepheo sa Kaizer Chiefs.
Sehlopha sena se tlameha ho leka ho hapa ntho e nngwe le engwe, ha se nako e bonolo, empa sepheo sa rona ke ho leka ho hlola tsohle,” ho boletse sebapadi sa bohareng.
Ho kgitlela ha Cele Afrika Borwa le ho ikamahanya le lebitso le leholo jwalo ka Chiefs ho boetse ho bolela hore o hohela batho ba baholo hore e be lenģosa. Jwalokaha ho netefaditswe bekeng ena, ke lenģosa le letjha la Rudy Project bakeng sa diaparo tsa bona tsa dipapadi le dikgalase tsa letsatsi.
Mohlankana enwa wa dilemo di 27 o dumela hore ana ke matla a tlang le mokgatlo wa Chiefs.
“Ho ba karolo ya ho bolela ho holo ho nna hobane ke ntho e fapaneng, mme e hlile e dumellana le seo ke leng sona.
- BALA HAPE: Mokwana o hohela MaEurope
Ke arolelana ditshobotsi tse ngata le letshoo lena, jwaloka ho ba le kelello e thata.
- Translator: Karabelo Molapo
