
Modise o senola takatso ya hae e kgolo ho Mofokeng
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates, Teko Modise, o phethile takatso ya hae e tebileng ya hore Relebohile Mofokeng a tsebe ho fallela mose ho maoatle—e leng toro ya Modise a sa kang a e phetha ha a ntse a sebetsa.
Ka potlako Mofokeng o fetohile e nngwe ya ditalenta tse thabisang ka ho fetisisa Afrika Borwa.
O qadile qetellong ya sehla sa 2022/23 mme e se e le setlwaedi ho Orlando Pirates le Bafana Bafana.
Mohlankana ya lilemo di 19 o se a hlahile dipapading tse 89, a habile dipheo tse 18 mme a fana ka bathusi ba 22 bakeng sa Buccaneers.
Modise, ya tsejwsng ka lebitso la “The Navigator,” o kile a batlwa haholo kantle ho naha empa ha a ka a fumana monyetla wa ho bapala Europe.
Hona jeale o tshepa hore Mofokeng o tla fumana monyetla oo a sa le monyenyane.
“Ke lakatsa eka a ka fallela mose ho mawatle kapele,” Modise o bolelletse FARPost.
O ile a bapisa tshusumetso ya Mofokeng le ya Thembinkosi Lorch, a re ke ka sewelo Pirates e tlohelang ditalenta tse phahameng jwalo.
Leha ho le joalo, o dumela hore Mofokeng a ka fetela pele ha a fuwa monyetla.
“O tlameha ho bapala bolo ya maoto ya UEFA Champions League. Seo se tla etsa hore ke be motlotlo,” Modise a eketsa.
O ile a totobatsa hore ho falla ha matjhaba ho ke ke ha tswela Mofokeng molemo feela empa le lelapa la hae le sehlopha sa naha.
“Ha Rele a ntse a ntlafala, Bafana Bafana e ba betere,” ho boletse Modise.
Batshehetsi le bahlahlobisisi ba shebile ka hloko ho bona hore na Pirates e tla bulela naledi ya bona e nyane mamati hore e kganye lefatsheng ka bophara.
- TRANSLATOR: Karabelo Molapo
