Bolo ea maoto

Mokwetlisi wa Orbit o theoleditse Siyabulela Mabele

Siyabulela Mabele o fumane di theoletsa ho Mokwetlisi wa Orbit College, Pogiso Makhoye.

Makhoye othoholeditse dibapadi tseo ba di adimileng ho tswa ho Orlando Pirates ka ho ba atametsa haufi le lefatshe la tshepiso.

Siyabulela Mabele o adimilwe ho tswa Orlando Pirates ho ya Orbit College mme o fane ka sepheo se setle le sa bohlokwa.

Sepheo sa Mabele se bea sehlopha sa Leboya Bophirima boemong bo botle ba ho hatela pele ho Betway Premiership sehleng se tlang.

Mabele, ya dilemo di 22, o bapetse hantle mme sepheo sa hae e bile sona se thusitseng Orbit ho hlola Casric Stars 1-0 papading ya ho itlhophela.

Papadi ena, e neng e tjhesehile mme e kenetswe ke letshwele le leholo, e ne e tshwaretswe Lebaleng la Solomon Mahlangu ka Moqebelo thapama.

Tlhōlo ena e ile ea etsa hore Orbit College e be sehlohlolong sa bolo ya maoto bakeng sa dipapadi tsa ho ipatlela sebaka sa bo-16 sehlopheng sa maemo a hodimo sa PSL sehleng se tlang.

Hona jwale sehlopha se se se hlōtse e le nngwe ho tloha ho tseka sebaka se lakatsehang.

Ba tla hloka ho hlola hape ha ba tobana le Cape Town City papading ya Laboraro Olympia Park Stadium, R”Mabele o bile le monyetla o moholo pejana mme a o fositse, empa re ne re tseba hore o tla hlaba,” ho boletse Makhoye kamora papadi.

“E bile sebapadi se hlahelletseng sehlopheng sa rona sehleng sohle,” mokwetlisi a tswela pele.

Mohlankana enwa o se a habile dipheo tse 11 dipapading tse 30 sehleng sena mme o ntse a tswela pele ho ba sebapadi sa bohlokwa ntweng ya Orbit ya ho hatela pele ho Premier.

  • Translator: Karabelo Molapo