
Mofokeng – Sebapadi se hlwahlwa sa Pirates
Relebohile o bapala e le sebapadi sa mahareng le sebapadi sa Orlando Pirates.
O tsejwa ka bokgoni ba hae ba ho hlaba dintlha le ho bapala ka makgethe.
Mokgwa oo a bapalang ka ona ke ona omo thusitseng ho iponahatsa e le sebapadi sa bohlokwa sehlopheng.
Orlando Pirates ena le sebapadi se dilemo di 20 e leng Relebohile Mofokeng ya tshwanelwang ke ho lebuwa se sehlopha sa Pirates bakeng sa lebelo la hae.
Papading ena e potlakileng ya relebohile mofokeng e file sehlopha sa Pirates kgothatso e kgolo ka PSL ka ha e bathusitse haholo ho hlola sehlopha sa mamelodi Sundowns ka 2-1 lebaleng la FNB ka la 16 Tlhakubele.
Ka lebaka la tlholo e na e bohlowa e tlisitsweng ke mofokeng, Pirates e fokoditse kekgalo ho Sundowns ho fihla ho dintlha tse 15, ka hoo pirates e se ena le dipapadi tse nne feela tse setseng.
Papading ena e tla boela eba engwe e kgothatsang Mofokeng haholo ka mora hore a qetele ho hlaba dintlha ka tshitwe ha sehlopha sa pirates ka ntlha e le nngwe ho noto.
Pirates e ile ya etella pele nakong ya metsotso e mene ha Mofokeng a hokahanya sefapano sa Makgopa bakeng sa sepheo sa hae sa boraro sehleng sena ha ba ntse ba hlakisa maikemitsetso a bina e sale pele.
Metsotso e mmedi ka morao ho moo , mofokeng le sehlopha sa hae ba ne ba keteka sepheo sa bobedi ka mora hore baqolotsi ba ditaba ba Pirates ba b a hape sebakeng se kotsi.
