Bolo ea maoto

Fadlu Davids o fana seo a se tsebang

Fadlu Davids o fana ka maikutlo mabapi le mashano a Pirates

Mokwrtlisi wa Simba SC, Fadlu Davids, o buile ka menyenyetsi e mo amahanyang le ho kgutlela ho Orlando Pirates.

Mokwetlisi wa Afrika Borwa o re le ena o utlwile menyenyetsi empa Pirates ha e so ka e ikopanya le ena ka mosebetsi ona.

Pirates hajwale e ntse e batla mokwetlisi e motjha kamora ho tloha ha Jose Riveiro.

Riverio o ile a tloha sehlopheng sena bekeng ena ka mora dilemo tse mmalwa tsa katleho e kholo.

O saenetse le dinatla tsa Egepeta Al Ahly mme ho tlalehwa a se a le Cairo.

Fadlu Davids, eo e neng e le motlatsi mme hape a kwetliswa hammoho le Mandla Ncikazi ho Orlando Pirates, ke e mong wa ba hokahaneng le morero.

Leha ho le jwalo, o ile a bolella Disk Times hore ha ho na nnete ditabeng tsena, ke dikgopolo-taba feela.

“Ke nahana hore re lokela ho fedisa seo hona jwale,” ho boletse Fadlu Davids.

“Ha ho so be le kamano pakeng tsa ka le Orlando Pirates.”

O hatelletse hore hajwale o tsepamisitse maikutlo mosebetsing wa hae wa Tanzania.

Fadlu Davids o itse o na le merero e meholo le Simba SC mme hajwale o tsepamisitse maikutlo mosebetsing wa hae o tswelang pele le sehlopha.

Sehlopha hajwale se na le monyetla wa ho bapala ditlhodisanong tse tharo – Caf Confederation Cup, liki ya Tanzania le senoelo se seng sa lehae.

“Nako ya ka ya pele e ne e le mabapi le ho ikamahanya le maemo.

Hona jwale, re itokiseditse ho iphephetsa maemong a fapaneng, “o ile a tswela pele. Simba e ntse e lokisa kemiso ya dipapadi tse ngata e kenyeletsang dipapadi tsa liki le tsa mohope.

Sehlopha sena se ikemiseditse ho phethela sehla ka lerata

“Haeba tsohle di tsamaya hantle, re ka tobana le Yanga SC qetellong,” ho eketsa Davids.