Bolo ea maoto

Miguel Timm o sa bapalla Sekhukhune

Miguel Timm o fumane sehlopha se setjha kapele pele ho letsatsi kamora ho lokollwa ke Orlando Pirates.

Ditlaleho li supa hore ngwana ya  dilemo di 33 o tla ikopanya le Sekhukhune United ka Phupu.

Leha ho le jwalo, ho itshetlehile ka hore dingaka di fumane hore ha ho letho le phoso ka ena le ka mo thibelang ho bapala.

Miguel Timm o ile a dumedisa basebetsi mmoho le yena Orlando Pirates bekeng ena, a itokisetsa ho saena bakeng sa Babina Noko.

Ho bolelwa hore Sekhukhune e ne e le kgale a rata sebapadi sena.

Haele hantle, o ne a mo batla ka 2022 pele Pirates e mo nka ho Marumo Gallants.

Timm o sia dinatla tsa Soweto tseo a hapileng le tsona dikgau tse hlano tlasa mokwetlisi Jose Riveiro.

Riveriro le ena o tlohile Pirates mme o phatlaladitswe e le mokeetlisi e motjha wa Al Ahly ka Labone bosiu.

Ho ne ho na le maikutlo a hore Timm a ka latela Riverio ho Al Ahly, empa jwale SABC Sport e tlaleha hore o kgethile Sekhukhune.

O tla boela a kopanngwe le mokwetlisi Eric Tinkler, eo a sebeditseng le eena nakong e fetileng ha a le Maritzburg United.

Miguel Timm o bile le karolo sehleng sa pele sa Riverio ho Orlando Pirates, a sebetsa e le motshehetsi wa sehlopha bohareng ba lebala.

Leha ho le jwalo, tlhodisano ya dibaka e ile ya etsa hore qetellong a tlohele jeresi selemong sena, leha sehlopha se ne se atolositse konteraka ya hae qalong ya sehla.

Lekgetlong lena polelo ya ho ntjhafatsa konteraka ya hae ha ea ka ya sebediswa, e etsa hore a fumanehe mahala ho tloha ka la 1 Phupu.

  • Translator: Karabelo Molapo