
Kadodia a amohetse sepheto sa SAFA
Kadodia Farook e leng Modulasetulo wa Durban City FC, o amehetse kahlolo ya boraro ya SAFA e hlakotseng sehlopha sa habo melato ya kgohlano mabapi le boingodiso ba wiwi Saziso Magawana.
Dihlopha tse qothisanang lehlokwa le Cape Town Spurs le JDR Stars di ne di ile tsa phephetsa ditokomane tsa Magawana, empa tsamaiso ya bona e ile ga emela Durban City.
Kadodia o supile ho imoloha ka sephetho, a re sehlopha esale se tshepa boemo ba bona.
“Re ne re tseba mnete. me re latetse melao,” Kadodia o boletse joalo.
Mme a phaella ka hore ho ne ho se letswalo ka morao ho diketsahalo.
O ne a botsa ka nako ya dingongoreho, a Nahana ha mekgahlo e lwanang e rata ho rarolla tabaeo lekgotleng ho e na le lebaleng.
Ha nyewe e se e rarollotswe, Farook o itse sehlopha se lebelletse bokamoso.
Leha ho le jwalo, ho hatelletse hore e ntse e le matsatsi a pele, mme merero ya sehla se tlang e tla phatlalatswa ha pre-season e qala ho elella mafelong a Phuptjane.
Tlhōlo ya molao e hleka tsela ya hore Durban City e tsepamise maikutlo letsholong la yona le tlang, kaha e kgahlile ba bangata ho Motsepe Foundation Championship.
- Translator: Karabelo Molapo
