Bolo ea maoto

Kaizer Chiefs e amahanngwa hape le Feisal Salum

Kaizer Chiefs e boetse e amahanngwa le sebapadi sa Tanzania, Feisal Salum, mme e boleletswe hore na e tla tlameha ho mo lefa bokae.

Salum o saletswe ke selemo se le seng feela konteraka ya hae le Azam FC, e leng se etsang hore thekiso ya hae e be monyetla kaha sehlopha sa Tanzania se batla ho fumana tjhelete.

Haeba a sa rekise ka Pherekgong, o ntse a ka saena konteraka le sehlopha se seng.

Sebapadi sena se se se bontshitse takatso ya hae ya ho fumana qholotso e ntjha dibakeng tse ding mme ho bolelwa hore mohopolo wa ho ikopanya le Kaizer Chiefs o mo kgahla haholo.

Ha a ntse a le naheng ena le sehlopha sa naha sa Tanzania bekeng e fetileng, o ile a bonwa a apere mebala ya sehlopha, a bontsha thahasello ya hae e tswelang pele.

Moshanyana ya dilemo di 27 o tlalehwa a fumaneha ka tjhelete e ka bang R9 milione.

Leha ho le jwalo, Kaizer Chiefs e tla tlameha ho etsa qeto kapele hobane ho na le sehlopha se seng se morollang, se emetseng ho qhoma.

Dinatla tsa Tanzania, Simba SC, le tsona ho tlalehwa di labalabela sebapadi sa mahareng se nang le talenta le sa boleng.

Sehlopha sa Soweto haesale se thahasella sebapadi se tswaletsweng Zanzibar, mme ho bonahala nako e fihlile ya hore a nke qeto e kgolo mabapi le mosebetsi wa hae wa bolo ya maoto.

Salum o ile a fa Azam dipheo tse 19 sehleng sa 2023/24, a bontsha bokgoni ba hae jwalo ka sebapadi se hlaselang.

O tswetse pele ka sebopeho sa hae se setle ho tloha ha a le Young Africans, moo a thusitseng sehlopha ho hapa ditlotla tsa morao-rao.

Ka nako eo, o ne a kwetliswa ke Nasreddine Nabi, eo hajwale a leng Kaizer Chiefs, mme ho utlwahala a ka rata ho sebetsa le eena hape.

Leha sehla sena e bile se setle ka ho fetisisa – sepheo sa hae sa ho qetela se fihlile ka Tshitoe 2024.

  • Translator: Karabelo Molapo