Bolo ea maoto

Joel Fire Masilela o ntsha Maikutlo a hae ka Cardoso

Joel Fire Masilela a tsebahalang e le Seqhenqha sa Mamelodi Sundowns o supile ho swaba ha hae ka Miguel Cardoso, a re ha se moksetlisi ya nepahetseng bakeng sa sehlopha sa Tshwane.

Joel o hlalositse hore Miguel Cardoso o tobane le nyatso e matla kamora ho hlolwa ha makgaola-kgang ya Sundowns ya Caf Champions League kgahlanong le Pyramids mafelong a beke.

Sehlopha sa hae sa ho qala le maqheka a nnile a shebisiswa mme ba bangata ha ba thabele tsela eo a sebeditseng ka yona.

Joel Masilela, ka lehlakoreng la hae, o buile a sa hlathe kwana le kwana ha a re Miguel Cardoso ha a na bokgoni ba ho isa Sundowns maemong a mang a liki.

“Sundowns e na le monate wa dijalo,” Joel o boletse jwalo ho Radio 2000 ka Mantaha bosiu.

Empa mokwetlisi ha a ka a di sebedisa ka bohlale, ha ke nahane hore Cardoso ke mokwetlisi ya nepahetseng wa Sundowns.

“Ha aa loka. Ke ‘nete. Sheba hore na o bapala joang, re fetohile, mokhoa oa sehlopha o felile,” ho boletse mokaubere.

Masilela o ile a phaella ka hore maikutlo a hae ha a tswe feela ka se etsahetseng ka Sontaha, empa e se e le nako a tshwenyehile.

“Re ne re e-na le ditebello tse kgolo ho Sundowns. Ho hlolwa ha rona ha hwa qala ka papadi ya Sontaha.

“E qadile leotong la pele. Merero ya papadi e ne e sa sebetse. Tsela eo diphetoho di entsweng ka yona e ne e se ntle.

“Dibapali tse ka beng di kene mme tsa etsa mehlolo di ne di siilwe bentjheng. Cardoso ha a tshwanelehe hantle.”

Joel o dumela hore Miguel Cardoso o lokela ho bontsha tsela, empa ha aa lokela ho tsamaya a le mong.

  • Translator: Karabelo Molapo