Bolo ea maoto

Hugo Broos o bua ka papadi ka Bafana Bafana le Lesotho

Mokwetlisi wa sehlopha sa Bafana Bafana Hugo Broos ore dithuto tsa Mohope wa ditjhaba tsa Afrika tse nkileng sebaka ka selemo sa 2023 (AFCON), moo ba fumaneng kgau ya boronse di bile molemo ho hlola sehlopha sa Lesotho .

Rene re bapalla lebaleng la dipapadi le Polokwane le bitswang ka Peter Mokaba, Bafana bafana e ile ya hlaba dintlha tse pedi mahareng a papadi.

Ntlha ya pele e ile ya hlabuwa ke relebohile mofokeng ha ntlha ya bobedi e ile yatswa ho Jayden Adams. Broos o bolela hore Pele ba ka fihla maharemg a papadi ba bile le menyetla e mene ya ho hlaba dintlha empa ha ba ka ba kgona ho di hlaba.

O tswetse pelea bolela hore letshwele le ne le le teng papadi eo ke lona le ile la ba sututsa hore ba bapale ka thata. Broos o ile a bolela ka mo a tabile ka teng ka papadi ya sehlopha sa haem me hoo hob a bontshitse hore ba tlameha hore ba lwane ho feta hore nne ba bapale papadi tse ntle.

“Re bapetse bolo ya maoto e monate, mme re bile le menyetla e supileng ho isa ho e robedi hore re hlabe dintlha,” ho bolela Broos.

Broos o tswela pele “Re hlokile lehlohonolo nako nyana e itseng empa re ile ra lwana ho fihlela re hlaba dintlha” Broos ya tlo qeta selemo sa bone ele mokwetlisi wa sehlopha sa Bafana Bafana o thabile haholo ha a bona diphetoho ka hara sehlopha sena sa naha ya Afrika Borwa, Bafana Bafana.

Translator: Molapo Karabelo