
Durban City e phatlalatsa Gavin Hunt!
Sehlopha sa Durban City se phatlaladitse se mmuso Gavin Hunt jwaloka mokwetlisi wa sona.
Hunt o ne a ntse a sena sehlopha ka morao ho hore a lelekwe ke SuperSport United ya mehleng selemong se fetileng sa dipapadi.
Jwale, ho hirwa hwa hae ho latela karohano ya Durban City le mokwetlisi wa mehleng Simo Dladla eo ba thusitseng ho kgutlela ho Betway Premiership.
Empa ho ile hwa totobala hore Dladla a keke a tswelapele le Durban City hang feela ha dipuisano tsa hae le botsamaisi dikgitla lejwe.
Dladla o ne a ikopetse nyollelo mokgolong wa hae jwaloka ha e le mona Durban City e kgutletse ho Betway Premiership.
Mme ke moo botsamaisi, tlasa ketapele ya monghadi Farook Kadodia, bo ileng ba nka qeto ya ho mo lokolla.
Dladla o se a iphumanetse lehae sehlopheng sa AmaZulu moo a tlang ho sebetsa jwaloka motlatsa-mokwetlisi ho Arthur Zwane.
Ho sa le jwalo, menyenyetsi e ipetsang e re Hunt o tla sebetsa le Kaitano Tembo jwaloka motlatsa-mokwetlisi.
Tebello ke hore Rowen Fernandez o tla kwetlisa dithibathibane kganthe Ernst Middendorp yena e be molaodi ya ka sehlohong wa bokwetlisi (Technical Director).
Ditabeng tse ding, Keagan Dolly, eo a kileng a sebetsa le Hunt, o lokollotswe ke sehlopha sa TS Galaxy ka Laboraro.
