
Riveiro o tsamaya le Motlatsi wa hae
Mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates, Jose Riveiro, o tiisitse hore motlatsi wa hae wa mehleng wa sehlopha, Carlos Nodar Paz, le eena o tlohile Bucs.
Ba le babedi ba tsamaile hammoho ha ba qala phephetso e ntjha Al Ahly naheng ya Egepeta.
Jose Riveiro o ile a tshwara sefofane ho tloha Afrika Borwa ho ya Egepeta ka Laboraro bosiu.
O lebelletswe ho hlahiswa ke dinatla tsa Egepeta Al Ahly jwalo ka mokwetlisi e motjha wa bona ka Labone hoseng ha a fihla.
Mokwetlisi wa Spain o ne a se mong ka sefofaneng.
Paz, ya ileng a ikopanya le eena qalong ya sehla sena ho Pirates, o ile a mo latela sehlopheng se setjha.
“Ke tsamaya kajeno le Carlos Nodar,” Riverio o bolelletse Marawa Sports Worldwide ka Laboraro.
O ile a ikopanya le nna Spain, hape le mona Johannesburg – jwale re ya le yena hohle moo ke yang teng.
Rivero o lebohile modulasetulo le botsamaisi ba Pirates ka ho ba dumella ho tsamaya kapele.
O kgothaleditse hore ho ka ba le balatedi ba bangata ba Pirates ba tla mo latela ho ya Al Ahly.
“Mashodu a mashodu a ntse a e-na le dipapadi tsa bohlokwa. Ke hlompha seo ka ho feletseng. Leha nka be ke ratile ho tsamaya le bohle, seo se ne se ke ke sa kgoneha hona jwale.”
Jose Riveiro o qetile dilemo tse tharo le dinatla tsena tsa Soweto. O ile a hapa dikgau tse hlano mme a haha sehlopha se matla sa bakwetlisi bao a neng a sebetsa le bona.
Empa jwale, o itokiseditse mohato o latelang leetong la hae la kwetliso.
O tla qala mosebetsi wa hae o motjha le Al Ahly haufinyane.
Sehlopha se ntse se itokisetsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA Club mme ho tlalehwa hore se mo kopile hore a kenelle pele ho nako, mme a kopa Pirates hore e mo lokolle pele ho nako.
“Ona ke monyetla o motle,” ho boletse Rivero. “Ke dumela hore ke sona se entseng hore modula-setulo a dumele hore ke tsamaee.
Rivero o tshepisitse ho sebetsa ka botshepehi le boikemisetso bo tshwanang sehlopheng sa hae se setjha.
- BALA HAPE: Fadlu Davids o fana seo a se tsebang
Ha kea robala hantle bosiung ba maobane (Labobedi), empa ke tla be ke itokiseditse ho fana ka sohle seo nka se kgonang.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Sabc Sports.co.za
