Bolo ea maoto

Bafana Bafana e ka tlasa kgatello

Bafana Bafana e kgothometseha papading ya ho bula Mohope wa Cosafa.

Bafana Bafana e qadile letsholo la bona la Mohope wa Cosafa wa 2024 ka ho hlolsa 1-0 ho Mozambique.

Papadi e etsahetse ka Laboraro thapama.

Afrika Borwa ke bona batshwari ba tlhodisano ena.

baletedi ba ne ba na le tshepo e kgolo ya ho qala ka matla.

Bafana e ile ya laola karolo ya pele.

Ba thehile menyetla e mengata, Empa ba ile ba hloleha ho hlaba dintlha.

Mozambique e ile ya dula e na le mamello mme butle-butle ya fumana morethetho wa bona.

Karolong ya bobesi, do ne di bonahala di le kotsi haholwanyane.

Boiteko ba bona bo ile ba atleha motsotsong wa bo74.

Antonio Sumbane o fane ka sepheo se le seng papading.

Leha ho na le sepheo, Bafana e ne e ntse e laola boholo ba papadi.

Lehlakore la Vela Khumalo le ile la sututsa ka matla bakeng sa ho leka ho lekana.

Empa lehlohonolo le ne le se ka lehlakoreng la bona.

Le boipiletso ba kotlo bo ile ba hanwa ke VAR.

Tlhōlo ena e bea Bafana tlase sehlopheng sa A.

Mozambique e hodimo ka mora tlhōlo.

Dihlopha tse ding tsa dihlopha, Mauritius le Zimbabwe, di ntse di tla bapala.

Ke qalo e nngwe e mpe bakeng sa Bafana tlhodisanong ena ya tikoloho.

Jwaloka baamohdi, kgatello e hodima bona hore ba sebetse.

Empa sephetho sa Laboraro se ne se nyahamisa.

Hona jwale Afrika Borwa e tlameha ho hapa dipapadi tsa yona tse latelang.

Ha ba kgone ho lefella tjhelete e nngwe  hape.

Ho tswa mokgahlelong wa dihlopha ho ba tsoentse dipapading tse fetileng.

Mokwetlisi Vela Khumalo o tla hloka ho phahamisa dibapadi tsa hae.

Sehlopha se bontshitse kganya ya bokgabane empa se ne se hloka mokgwa wa ho qetela.

Ho hlokahala boikemelo bo eketsehileng ka pela sepheo.

Balatedi ba tla tshepa karabelo e matla papading e tlang.

Mohope wa Cosafa ke monyetla wa ho haha ​​matla le ho kgutlisa motlotlo.

Tsela e ka pele e thata, Empa Bafana e ntse e ka fetola dintho.

Ha ho setse dipapadi tse ding tse pedi tsa sehlopha, tshepo ha e lahlehe.

Leha ho le jwalo, ntlafatso e potlakileng, Papadi e latelang e ka etsa qeto ya qetello ya bona tlhodisanong.

Afrika Borwa e tlameha ho ba e ntjhotjho, e be ya bongaka haholwanyane, mme e tsepamise maikutlo haholwanyane.

Ba hloka dipakane, mme ka hodima tsohle, ba hloka diphello.

Mohope wa Cosafa o se o qadile, empa Bafana e se e le tlasa kgatello.

  • Translator: Karabelo Molapo