
Nasreddine Nabi o batla ho reka sebapadi tsa Tanzania
Nasreddine Nabi e leng mokwetlisi wa Kaizer Chiefs o labalabela ho saena sebapadi sa Tanzania Feisal Salum pele ho sehla sa 2025/26.
Nasreddine Nabi, hammoho le hlooho ya sehlopha sa scouting, haufinyane ba kopane le Salum Tanzania, moo ba ileng ba buisana ka phetisetso e ka bang teng.
Ho tlalehwa hore Salum o labalabela ho kena Chiefs, kaha a kgahlilwe ke mokgwa wa ho kwetlisa Nabi.
Konteraka ya sebapadi e saletswe ke selemo, mme Azam FC e kanna ya ikemisetsa ho mo rekisa ka tefiso e fokoditsweng kamora hore qalong e batle R40 milione.
Chiefs e tobane le tlhodisano ho tssa ho dinatla tsa Tanzania, Yanga le Simba, ha Yanga e batla ho nka sebaka sa sebapadi se tlohang, Stephane Aziz Ki.
Leha ho le jwalo, mehlodi e haufi le Nabi e tiisa hore Salum ke sepheo sa mantlha.
Haeba tumellano eo e ka etsahala, e ka ba phetohelo e kgolo ho Chiefs ha e ntse e tsosolosa lebala la yona la bohareng tlasa tataiso ya Nabi.
Ho falla ha Salum e ka ba letshwao la bohlokwa ho Amakhosi ha ba ntse ba itokisetsa ho qala botjha.
- BALA HAPE: Miguel Timm o sa bapalla Sekhukhune
Sehlopha se shebane le ho fumana ditsbebeletso tsa Salum,mme kopano ha Nabi le sebapadi e fana ka maikutlo a hore phetisetso e haufi.
- Translator: Karabelo Molapo
