Uncategorised

AmaZulu e aha sehlopha botjha

AmaZulu FC e se e qadile ho aha sehlopha sa bona botjha kamora ho lokollwa ha dibapadi tse 16 tseo e neng e le karolo ya sehlopha bakeng sa sehla sa 2024/25.

Sehlopha sa Durban se ile sa makatsa ba bangata ha se phatlalatsa tokollo ya palo e kgolo ya dibapadi hang-hang.

AmaZulu a arohane le dipapadi ba bohlokwa ba kenyeletsang Augustine Mulenga, Junior Dion, Boniface Haba, Ethan Brooks le mothiki wa sepheo se nang le boiphihlelo Veli Mothwa.

Sehlopha se boetse se dumedisa dibapadi tse nang le boiphihlelo Abbubaker Mobara, Sandile Khumalo, Mbongeni Gumede, Kwanda Mngonyama, Ramahlwe Mphahlele, le Thembela Sikhakhane.

Bohareng ba lebala, Wayde Jooste, Shkhulile Manyoni, Rowan Human, le Msindisi Kunene ba ile ba lokolloa. Tshepang Moremi o ile a rekisetswa Orlando Pirates.

Loanees Etiosa Ighodaro le Sifiso Ngobeni ba khutliselitsoe sehlopheng sa habo bona sa Mamelodi Sundowns kamora hore nako ya bona ya dikadimo e felile.

Ho hlakile hore sena se siile Usuthu ka likheo tse ngata ho tlatsa dibapadi tse ntjha sehlopheng.

Leha ho le jwalo, sehlopha se se se qadile mokgwa wa ho tlatsa dikgeo tseo.

  • Translator: Karabelo Molapo