
Ouaddou ha a soka a beha maoto a hae Lebaleng la Boikwetliso
Mokwetlisi e motjha wa Orlando Pirates ha a so ka a beha leoto lebaleng la boikwetliso la sehlopha, empa ba seng ba le teng mohlomong ba lakatsa eka sehla se se se qadile.
Mokwetlisi ya hlahetseng Morocco, Abdeslam Ouaddou, o fihletse seo ba bangata ba se tshepileng feela – toro ya phethahatsa.
Ho eena, e ne e se a le mong, empa tse pedi ka nako e le nngwe kaha o tla be a kwetlisa sehlopha le ho sebetsa le sebapadi seo a neng a hlakisitse hore o se batla.
Ha a bua le Marawa Sports World Wide pejana kgweding ena, Ouaddou o boletse hore ha ho mokwetlisi ya ke keng a ipha monyetla wa ho fuwa Orlando Pirates.
Hona jwale ho etsahetse jwalo ka ha sehlopha se tiisitse ka Mantaha hore ke eena ea tla nka sebaka sa Jose Riveiro.
Toro ya bobedi? Ha a sebetsa le Sipho Mbule, sebapadi sena se re se mo bona e le sebapadi sa maemo a hodimo mme a ka ya hole ha a sebetsa le mokwetlisi ya tla mo sebedisa ka tsela e nepahetseng.
Hopola hore o ne a thoholetsa Sipho Mbule feela mme o ne a sa tswa mmona hanyane ho tloha ha a fihla bolo ya lehae dikgweding tse tharo tse fetileng.
Mokwetlisi wa mehleng wa Marumo Gallants ha a so pate lerato la hae bakeng sa bolo ya maoto ya Sipho Mbule le Neo Maema wa Mamelodi Sundowns.
Kea mo rata, ke rata tsela eo a bapalang ka yona,” Ouaddou o boletse puisanong ena le Robert Marawa.
“E, kea tseba hore mohlomong boitšoaro ba hae ha bo botle hakaalo.
Empa ke nahana hore seo se itšetlehile ka tsela eo a tšoaroang ka eona.
“Dibapadi tse kang eena di hloka ho tshwarwa ka tsela e itseng, di hloka motho ya tla ba le kamano e matla le bona.
“o tlameha ho etsa hore ba utlwisise hore na ba lokile hakae, le hore na ho bolela ho itshwara jwang.
- BALA HAPE: Orlando Pirates e bakile moferefere
“Sebapadi sa mofuta oo ke Mbule, Mbule ke sebapadi se setle haholo, ke mofuta wa sebapadi seo ke ratang ho ba le sona sehlopheng sa ka.”
- Translator: Karabelo Molapo
