Bolo ea maoto

Tresor Tshibwabwa o feela sehleng se tlang le Sekhukhune

Sekhukhune United e netefalitse hore libapali tsa eona tse nang le boiphihlelo ha li ee kae kapa kae ka ho ba fa likonteraka tse ncha ha ba qala litokisetso tsa bona tsa sehla se tlang.

Ba bahlano ba libapali tse kholo tsa sehlopha ba ekelitsoe likonteraka tsa bona, ho kenyeletsoa mosireletsi Tresor Tshibwabwa.

Motlatsi enoa oa DR Congo o kile a tlalehoa a le tseleng ea ho leba Orlando Pirates sehleng se tlang.

Tshibwabwa o ile a hlohlelletsa menyenyetsi ea hore o fallela Pirates ha a hana ho keteka ka mor’a ho hlaba sepheo khahlanong le bona khoeling e fetileng.

Empa ho saena konteraka e ntjha le Babina Noko ho bolela hore ho falla ha hae ho Pirates e ne e se letho haese menyenyetsi.

“Isekukhune United e motlotlo ho phatlalatsa katoloso ea likonteraka tsa libapali tsena tse kholo,” sehlopha se boletse polelong.

Libapali tse filoeng likonteraka tse ncha ke: Linda Mntambo, Chibuike Ohizu, Daniel Cardoso, Vusimuzi Ncube, le Tresor Tshibwabwa.

“Boinehelo ba bona le moya wa bona wa ntwa di tswela pele le lelapa la Babina Noko!” polelo e ile ea eketsa se buihileng.

  • Translator: Karabelo Molapo