Uncategorised

Siwelele se behella mokwetlisi ka thoko nakwana mosebetsing

Sehlopha se hulang ka tlhako tsa morao sa Siwelele FC, se behelletse mokwetlisi wa sona Lehlohonolo Seema ka thoko nakwana mosebetsing.

Sena ka mora papadi moo sehlopha se hlotsweng ke Kaizer Chiefs ka 3 – 2 lebaleng la Dobsonville thapameng ya sontaha.

Siwelele, haseso hape papadi dipapading tse hlano tseo baseng ba dibapetse mme ba lahlehetswe dipapading tse tharo.

5 Matches

3 Defeats

2 Draws

BALA: Chiefs e busetsa molamu sefateng kgahlano le Siwelele

Siwelele se arohaneng le boholo ba dibapadi ha sehla se fitileng sa dipapadi se fihla pheletsong, se kgonne fela ho bokeletsa dintlha tse pedi ho tse 15.

Siwelele, se beile bobedi Seema le motlatsa wa hae Willem Jackson ka thoko nakwana mosebetsing ntlhe le tsibiso ya hore ke mang yatla tshwara marapo nakwana sehlopha.

Sehlopha setla thulana le Sundowns ka laboraro papading ya Betway Premiership eo hotla bonahala ho yona hore ke mang ya tshwereng sehlopha.

BALA: Maseko o bula buka ya dintlha ka tse pedi papading ya pele