
O ngotse a ba a hlakola Kwayiba ha a botswa ka Pirates.
Mohlasedi wa Chippa United le Bafana Bafana Sinoxolo Kwayiba o lekile ka hohle ho qoba ho bua ka menyenyetsi e mo amahanyang le ho fallela Orlando Pirates sehleng se tlang.
Mohlasedi ya dilemo di 25 o bile sebopehong se setle sa Bafana Bafana.
Ba hlotse 2-0 kgahlanong le Mozambique papading ya setswalle Peter Mokaba Stadium ka Labobedi bosiu.
O ile a hlaba ntlha ya pele, a otlanya sefapano sa Mohau Nkota qalong ya halofo ya bobedi.
Tshebetso ya hae e ile ya etsa hore a fuwe kgau ya Sebapadi se Hlwahlwa ka ho Fetisisa papading eo.
Ka mora papadi, Sinoxolo Kwayiba o boletse hore o thabile haholo ka ho hlaba ntlha, mme ore o lakatsa hore a ka etsa ho feta moo.
O ile a re: “Ke ikutlsa ke thabile haholo hobane esale ke rapella monyetla ona.
“Esale ke ngolla sehlopha sa ka dintlha ho PSL, mme esale ke rapella ho hlaba dintlha mona bakeng sa Bafana Bafana. “mme jwale Toro ya ka e phethahetse – ke thabile haholo,” a tswela pele.
Ha a botswa ka bokamoso ba hae, Sinoxolo Kwayiba o ile a ngola a ba a hlakola empa a fana ka maikutlo a ho fallela sehlopheng se seholwanyane.
“Ha re tshepe hore seo se tla etsahala. Ke nnete hore ke seo esale ke se rapella, “a tswela pele.
Leha ho le jwalo, o ile a kgutlela morao, a leka ho qoba potso eo ka ho kgutlela morao ho bua ka mokgwa oo a bapaditseng papading ena ya Bafana.
“Ke thabetse tshebetso ea ka kajeno. Empa ke batla ho etsa ho feta – a re tshepe hore seo se tla etsahala.”
Ha a hatella bokamoso ba hae, o ile a dumela, “Ke tshepa hore haufinyane ke tla bapalla sehlopha se seholwanyane.
“Toro ya ka ke ho fallela sehlopheng se seholo, ebe ke ea bapala mose ho mawatle.”
- TRANSLATOR: Karabelo Molapo
