Lipapali Tse Ling

Rito o bua ka sehlopha sa Stormers

Mokwetlisi wa sehlopha sa Stormers Rito Hlungwani ore Stormers di itukiseditse ho bapala le Ulster ka labohlano bosiu, o ile a kopa hore ba behe Deon Fourie nomorong ya bo tshelela.

Haone ho buuwa kopanong ya labobedi, Hlungwani le Sazi Sandi ba ile ba bontshana mathata bakeng la di Stormers papading ya bo 14 ho Vodacom URC eneng e tswaretswe Belfast. Ba ile ba bua ka taba ya Ulster hore ka moo mmele ya boning e leng ka teng ke yona ntho e tlisang mathata hona etse ba hlahang mose.

Ba bapala papadi ya bona ka mmele ebile ba ena le difuba tse kgolo, ke yona taba e ba tshosang haholo eo hobae sehlopha seo ha se bapale jwalo ka tse ding tsa Irish. Fourie o ile a hlokofatswa ke moferefere tlholong ya beke e fetileng kgahlano le Scarlets. Paul De Villers o kene sehlopheng , ha Marcel Theunseen le Willie Engelbrecht le bona ba le tsekisanong lebaleng le Bulehileng.

Paul De Villers o teng ka hona o tlile ho thusa ho phahamisa dipalo, empa re na le dipapadi tse ngata tse hlephileng , Marcel o bapetse tse tsheletseng, Willie o ntse ale teng … Empa ho araba potso, Paul de Villers o teng mme a loketseng kgetho”, Ho boletse Hlungwani.

Translator: Karabelo Molapo