
Bongiwe Msomi o fumana monyetla o motle
Bongiwe Msomi e se ele e mong wa bathusi ba bakwetlisi Ba lefapha la SABC sports ba buile hore sebapadi sa Spar Protea.
Bongiwe Msomi e se e tlaba motusi wa mokwetlisi wa Golden Fireballs.
Msomi qadile bapalla bomampud ka selemo sa 2022 ha ne ho ilwe Unibesithing ya Witwatersrand.
Msomi o boletse ka moo a thabileng ka teng ka monyetla o na o fumaneng ha ane a ile botswa dipotso ke ba Sabc.
Msomi o tswetse pele a bolela hore o motlotlo hobane ke mona o kgina ho bona hore leeto la hae la bokwetlisi le tswela pele.
O boleletse hore o thabela ho kwetlisa batho ka pelo ya hae kaofela mme o tla etsa bo nnete bah ore ha a fetwe ke monyetla le ha ele o monyane fela leetong lena la hae.
Mme o ile a tswela pele a bolela hore sena se mofa monyetla wa hore a kene ho ligi ka mokgwa o mong le ka maemo a mang mme o a tshepa hore otla bapala karolo yah ae hantle.
A qetela ka hore, o nahana hore kgauteng ke porofensi e hantle mme otla kgona ho sebetsa ka talente e ntle e teng ka hara porofensi eo.
Bala hape: Ntwa Pakeng tsa dihlopha tsa bolo
Qetellong ya hae o ile a tshwaela ka hore o thabile hona ha e sale mme o batla ho pbapala karolo ya hae a thuse sehlopha ka mokgwa oo a ka kgonang ka teng, mme a ba arolele tsebo eo a nang le yona.
Translator: Karabelo Molapo
Source: sabcsports
