Bolo ea maoto

Monnapule Saleng o lemositswe ka Bokamoso ba hae

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates se file Monnapule Saleng dikeletso mabapi le se ka etsahalang ka mosebetsi wa hae haeba qabang ya hae le sehlopha e tswela pele.

Bokamoso ba Monnapule Saleng ho Orlando Pirates ha bo so hlake.

Hona jwale Buccaneers e  eletse sebapali sa bohareng ho beha mosebetsi wa hae pele mme a kgutlele lebaleng.

Monnapule Saleng, ya qetetseng ho bapalla Orlando Pirates ka Tshitwe 2024, ho tlalehwa a kgutletse kwetlisong le sehlopha.

Leha ho le jwalo, ha a so ka a bonwa lebaleng nako e setseng y nako ka lebaka la mathata a konteraka le sehlopha.

Mabarebare a ntse a le teng a hore naledi ya dilemo tse 27 ya Bafana Bafana e saenetse tumellano le dibapadi tsa Kaizer Chiefs.

Leha ho le jwalo, ha ho letho le tiisitsweng ka molao kaha dihlopha ka bobedi di ntse di etsa diphetoho.

Ha a bua le KickOff.com, seqhenqha sena sa Pirates se kopile hore se se ke sa bolelwaa, empa a lemosa Saleng ka dikotsi tseo a tobaneng le tsona.

“Haeba o roba konteraka ya hao, dihlopha di tla o kenya lenaneng le kgutshwane,” o boletse jwalo.

Ho na le tshebedisanommoho ka hara dihlopha – esita le badula-setulo ba sebetsa mmoho le ho arolelana tlhahisoleseding.

“Haeba o etsa phoso, ba ka bolellana ka yena mme o tla iphumana o se na sehlopha ho sa tsotellehe hore na o molemo hakae.”

O lemositse hore ha Saleng a sa tswe papading nako e telele, tshenyehelo e tla ba mpe haholo mosebetsing wa hae.

“Haeba a sa bapale dikgwedi tse ding tse tsheletseng, o tla lahlehelwa ke sebopeho sa hae, mme dilemo ha di lehlakoreng la hae.

Mme o tla fetwa ke menyetla e kang ua ho ya AFCON le Bafana Bafana mafelong a selemo.

  • TRANSLATOR: Karabelo Molapo