
Maseko o bula buka ya dintlha ka tse pedi papading ya pele
Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns Thapelo Maseko, o qadile bophelo ka noto e hodimo mafelong a fitileng a beke.
Sena ka mora hore sebapadi sena se hlabe dintlha tse pedi papading ya hae ya pele sehlopheng sa hae se setjha sa Copenhagen.
Dintlha tsa Maseko, e bile karolo ya tse 5 tseo Copenhagen e hlotseng OB ka tsona ho bula sekgeo boemong ba pele tafoleng ya dihlopha.
BALA: Pirates e qala dipapadi tsa kontinente ka ho bapala maleka
Sebapadi sena se lebile Denmark ka mora hore Sundowns e tsibise ha a se mererong ya sehlopha empa ya dumela ho molokolla ho batla makgulo a matala.
Maseko o hlabile dintlha tse tharo kaofela papading eo empa ntlha ya boraro ya behelwa ka thoko e le offside.
Tebello ke hore sebapadi sena setla bapala karolo e kgolo sehlopheng sena jwalo ka ha sehlopha se leka ho phunyeletsa dipapading tsa UEFA Europa Conference League.
