
Kaizer Chiefs e thakgola leeto la Netherlands ka leoto le lebe!
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se thakgotse leeto la sona la bo itukisetso ba selemo se tlang sa dipapadi ka leoto le lebe.
Ka Labobedi bosiu, Chiefs e teyane le Vitesse Arnhem eo e ba hlotseng ka ntlha tse pedi ho e le nngwe (2-1).
Mmapalamorao Reeve Frosler o hlabetse Chiefs ntlha motsotsong wa bo 37 empa Vitesse e ile ya futuha ka matla Karolong ya bobedi ya papadi.
Dillan Solomons, ya keneng a tswa bankeng, o itlhabile ka lerumo metsotso e mmedi feela karolo ya bobedi ya papadi e qadile.
Kganthe ntlha ya bobedi ya Vitesse, eo ebileng ya tlholo, e kene motsotsong wa bo 74 ka Visser.
Amakhosi e naheng ya Netherlands ka sepheho sa ho tjhorisa dibapadi tse ntjha le tsa kgale le ho fa mokwetlisi Nasreddine Nabi monyetla wa ho kopanya sehlopha.
Papading ena, dibapadi tse mmalwa tse ntjha di ile tsa fuwa monyetla wa ho ipapatsa di apere jeresi ya Chiefs.
Mohlala, Thabiso Monyane, Flavio Silva ba qadile le papadi kgahlano le Vitesse mme ba bapala ka bokgabane.
Ho sa le jwalo, mokwetlisi Nabi ho bonanala a se a nkile qeto hore mokapotene wa sehlopha e tla ba mang.
Inacio Miguel ke yena ya neng a etella sehlopha sa Chiefs pele jwaloka ha Yusuf Maart a tla ya naheng ya Austria.
DIBAPADI TSE QADILENG LE PAPADI TSA KAIZER CHIEFS
Petersen, Monyane, Frosler, Miguel ©, McCarthy, Mthethwa, Cele, Ngcobo, Shabalala, Vilakazi, Silva.
