Pirates e tlabola baeti ho fetela mokgahlelong o latelang

Sehlopha sa Orlando Pirates, se hlotse sa La Cure Sylvester ka 3 – 1 papading ya leoto la bobedi ho phunyeletsa mokgahlelong o latela.

Pirates e ne e amohetse La Cure lebaleng la Amstel Arena ka mora ho bapala maleka a 0 – 0 ka nako eo baneng ba etileng.

Ka bobedi dihlopha tsena dihlabileng dintlha metsotsong e qalang ya papadi empa ‘The Buccaneers’ ba hlaba dintlha tse ding pele papadi e leba kgefutsong.

Dintlha tsa Pirates, dikene ka Kabelo Kgositsile, Kamohelo Sebelebele le Yanela Mbuthuma ya tsohileng molota sehleng sena.

Tlholo ena e fitisetsa Pirates mokgahlelong wa bobedi moo batla thulana le sehlopha sa African Stars sa naha ya Namibia.

Papadi ya leoto la pele le tla bapala ka la 17 Mphalane ka 20:00 ka nako ya kwano Afrika Borwa.

BALA: Man United e hlola Sabah empa McCarthy o ipabola ka makgabane