
Nkgetheng wa setulo sa SAFA o re mokgatlo o lefe dibapadi
Nkgetheng wa mopresidente ba SAFA e bile e le modulasetulo wa sehlopha sa AmaZulu Sandile Zungu o rometse molaetsa o matla mokgatlong hore o lefe dibapadi.
Sena ka mora hore mokgatlo o hlalose lebaka la hore dibapadi e be hadiso fumane meputso ya tsona e tswang ho FIFA.
SAFA e hlalositse ha tiehiso ena e le ka lebaka la melawana ya Tax dinaheng tsa Mexico le America moo mohope wa lefatshe o neng o tshwaretswe teng.
Le ha hole jwalo Zungu o hlalositse ha SAFA e lokela ho rarolla bothata boo pele ho labone ho bona hore dibapadi difumane ditjhelete tsa bona.
Zungu, o boetse a bontsha ha a le sedi le ho tseba ka botsotsi ba ho leka ho thibela mabatowa a fapaneng ho kgetha yena bakeng sa setulo sa mopresidente.
Modulasetulo setulo enwa wa Usuthu, o qothisana lehlokwa le mopresidente wa nako e lelele wa SAFA Danny Jordaan bakeng sa taolo ya SAFA.
Tebello ke ho bona hore ke mamg yatla kgethwa ho kotsomala se maratswana jwalo ka ha dibapadi tsa mehleng tsa Bafana Bafana dibontshitse tshehetso ho Zungu.
BALA: Sundowns e tlola matjato a masesane ho kena dipuisanong le Cele
