
Mosimane o bua ka phapang ya nako e fitileng le jwale
Mokwetlisi ya satswa phatlalatswa wa Bafana Bafana Pitso Mosimane, o hlalositse ha hona le phapang dipakeng tsa nako e fitileng ha e ne e le mokwetlisi wa Bafana Bafana.
Mosimane o buile sena karabelong ya dipotso ka mora hore a tsibiswe jwalo ka mokwetlisi wa sehlopha sa naha ka labobedi.
“Dipakeng tsa jwale le dilemo tse 14 tse fitileng, hona le phapang,” ho realo Mosimane.
“Ka nako eo kene ke sena MTN8 kapa Nedbank, o se ke wa bua ka sehla [league] empa e re kese qhoshe ke tseo re difihleletseng.”
Mosimane o tswetse pele ho bontsha ha a fihleletse tse ngata ho thusa hoba le boiphihlelo ba ho kwetlisa sehlopha sa naha.
“Hona le metale tse 21 dipakeng tsa jwale le dilemo tse 14 tse fitileng. Hona le boiphihlelo ba FIFA Club World Cups makgetlo a mararo le ba mohope o le mong wa lefatshe.”
Mosimane ona le matsatsi a ka tlase ho 20 ho hlwaya sehlopha bakeng sa papadi ya pele ya ho pheletsong mohope wa AFCON e tla bapala pele kgwedi ena e fihla pheletsong.
