
Mokwetlisi wa Pirates o phahla makunutu ka Maswanganyi
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o buile masa a kokometse ka sebapadi se qetang ho tsamaya sehlopheng Patrick ‘Tito’ Maswanganyi.
Ouaddou, o hlalositse ha boitshwaro ba Maswanganyi e bile mathata menyetleng ya katleho le diphihlello tsa hae.
Bobedi Ouaddou le Maswanganyi ba bonahetse ka makgetlo hore bothata bo teng ka nako eo Maswanganyi a lokelang hotswa ka lebaleng.
Ouaddou, o bontshitse ha boitshwaro ba sebapadi sena, bo mofitisitse ka monyetla wa ho leba mohopeng wa lefatshe.
“Kene kesa thabele tsela eo a ikwetlisang ka yona, e bang a ne a mmametse sehleng se fitileng, a kabe a lebile mohopeng wa lefatshe,” ho realo Ouaddou.
Le ha hole jwalo, Ouaddou o lakaleditse Maswanganyi tse ntle pele a dumela hore e ne e le sebapadi sa bohlokwa hara tsohle.
“Katleho le mahlohonolo ho yena, ke motho eo kene ke thabetse ho sebetsa le yena haholo sehleng sena. O ne a le bohlokwa ho rona.”
Maswanganyi o lebile naheng ya Bahrain moo a tla kopana le sebapadi se seng sa mehleng sa Pirates Menzi Masuku.
