
Dithejane o ikwalla ka dibapadi tsa Chicago Fire ho kenyeletsa Lewandowski
Sebapadi sa matjhabatjhaba sa Afrika Borwa naheng ya America Puso Dithejane, o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi ya phato ya sehlopha sa hae ss Chicago Fire.
Dithejane ya tswileng tjaro ya mabonwa, o habile dintlha tse nne le ho thusetsa dintlheng tse tharo nakong ya kgwedi ya Phupu le Phato.
11 games played
3 Assists
4 Goals
BALA: Mosimane o bua ka phapang ya nako e fitileng le jwale
Dithejane o hlotse dibapadi mmoho le yena ho fumana kgau ena ho kenyeletsa Robert Lewandowski eo le yena a hlabang dintlha lenyelenyele.
Ho fihla ha Lewandowski sehlopheng, ho bonahala ho tsositse Dithejane molota moo sebapadi sena se bang le seabo se seholo sehlopheng.
Bobedi bona bose bo hlabile dintlha tse 10 ka kopanelo mme selekane sa bona se bonahala se sebeletsa sehlopha ka bokgabane.
