Krikete

Rassie o bua  ka monyetla wa India ho Champions Trophy

Sebapadi sa Proteas Rassie van der Dussen o re ha ho hloke rasaense wa rokete ho etsa qeto ya hore India e na le molemo o hlakileng ka ho bapala dipapadi tsohle tsa bona tsa ICC Champions Trophy sebakeng se le seng.

Ha dihlopha tse ding tse supileng tsa tlhodisano ya dihlopha tse robedi di tsamaya dipakeng tsa ditoropo tsa naha e amohelang Pakistan, India e dumelletswe ho tshwara dipapadi tsohle tsa bona Dubai ka lebaka la tshireletso sebakeng sa boahelani ba bona, kamora tlhaselo ya bokgukguni ya 2008 Mumbai.

Sena, ho ya ka van der Dussen, ke molemo o itseng ha ho fanwa ka boiketlo ba ho dula hoteleng e le nngwe, ha o ntse o ikwetlisa le ho bapala ka maemo a tshwanang letsatsi le letsatsi, ha dihlopha tse ding di siuwa di tshwara difofane ho ya le ho kgutla, le ho itlwaetsa ho ya dibakeng tse fapaneng.

 “Ke nahana hore ehlile ke molemo, ke bolela hore ke bone Pakistan e ne e bua ka yona, empa ehlile ke molemo,” ho boletse ngwana ya dilemo di 36 nakong ya metjha ya ditaba ya inthaneteng.

BALA Hape: Sundowns e otlolloha e leba ho dintlha tse 15 kamora ho fiella Sekhukhune ka thoko
  • Translator: Masole Mabaleka